Psalms 3:1-9 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.

2Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,

3ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.”

4Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.

5Ha ke ipiletsa ho Morena, o nkaraba a le thabeng ya hae e halalelang.

6Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe, ke be ke itsohele, hobane Morena o na le nna.

7Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.

8Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.

9Pholoho e tswa ho Morena. Tlhohonolofatso ya hao e ke e be hodima setjhaba sa hao.

© Bible Society of South Africa, 1989
div>