1Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela.
2Ke tla boka Morena ka nako tsohle, ke nne ke mo rorise kamehla.
3Ke ithorisa ka Morena, ba eisehang ba ke ba utlwe, mme ba thabe.
4A re tlotliseng Morena re le mmoho, a re phafeng lebitso la hae, re le phafe hammoho.
5Ke ile ka batla Morena, mme a nkaraba, a ntopolla matswalong wohle a ka.
6Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.
7Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.
8Lengeloi la Morena le sireletsa kamahohle ba mo tshabang, mme le a ba namolela.
9Latswang, le utlwe molemo wa Morena! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena.
10Tshabang Morena, lona bahalaledi ba hae, hobane ba mo tshabang ha ba hloke letho.
11Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.
12Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena.
13Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo?
14Tshwara leleme la hao le se bue tse mpe, le molomo wa hao o se bue leshano.
15Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle.
16Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe.
17Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.
18Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona.
19Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.
20Mahlomola a ya lokileng a mangata, empa Morena o mo lopolla ho wona wohle.
21O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha.
22Bobe bo tla timetsa ya kgopo, ba hloileng ya lokileng ba tla ahlolwa.
23Morena o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; ho ba tshabelang ho yena, ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.