Psalms 36:1-13 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Ya kgopo o laolwa ke sebe, sebe se botebong ba pelo ya hae; ho tshaba Modimo ha ho yo ho yena.

3Mehopolong ya hae o a ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, hoo a sa se hloyeng.

4Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle.

5O rera bokgopo a ntse a le phateng tsa hae, o tsamaya tseleng e sa lokang, ha a kgese bobe.

6Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung,

7ho loka ha hao ho jwaloka thaba tse telele, dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba, bodiba bo tebileng: Morena, o pholosa motho le yona phoofolo.

8Modimo, mohau wa hao ke wa bohlokwa hakaakang! Bana ba batho ba tshabela moriting, moriting wa mapheo a hao.

9Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao.

10Sediba sa bophelo se ho wena, mme ka sedi la hao re bona lesedi.

11O nne o be mohau ho ba o tsebang, o nne o sitse ba pelo di ntle ka ho loka ha hao.

12Moikgohomosi a se bee leoto pela ka, letsoho la ya kgopo le se nteleke.

13Ba etsang bokgopo ke bao, ba wele! Ba dihetswe fatshe, ba ke ke ba hlola ba tsoha.