1Pesalema ya Davida. O se ke wa itlhonamisa ka ba etsang bokgopo, o se ke wa honohela ba etsang tse sa lokang.
2Ba tla omella kapele jwaloka jwang, ba tla pona jwaloka ditlama, ditlama tse talana.
3Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.
4Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao.
5Ipee matsohong a Morena; o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
6O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo.
7Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.
8Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe.
9Ba etsang bokgopo ba tla fediswa; empa ba tshepang Morena lefatshe e tla ba lefa la bona.
10Ho se ho se hokae: Ya kgopo o tla be a nyametse; leha o tadima tulong tsa hae, o tla be a le siyo.
11Ba ikokobetsang, lefatshe e tla ba lefa la bona, ba thabele kgotso e phethehileng.
12Ya kgopo o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno;
13empa Morena o tsheha ya kgopo, hobane o bona hore tsatsi la hae le a tla.
14Ba kgopo ba tsomula sabole tsa bona, ba hula diqha tsa bona, ho fula bahlophehi le mafutsana, ho bolaya ba metsamao e metle.
15Sabole tsa bona di tla ba hlaba dipelo, diqha tsa bona di tla robeha.
16Sejosenyane sa ya lokileng se molemo ho ena le kgora ya ya kgopo;
17hobane matla a ya kgopo a tla fediswa, athe Morena o tshehetsa ya lokileng.
18Morena o tseba ditshiu tsa ba hlokang kodi, lefa la bona e tla ba le sa feleng.
19Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora.
20Empa ba kgopo ba tla timela; bao e leng dira tsa Morena ba tla fela jwaloka botle ba makgulo, ba nyamele jwaloka mosi.
21Ya kgopo o a adima, empa ha a busetse; ya lokileng o na le mohau, o a fana.
22Bao Morena a ba hlohonolofaditseng lefatshe e tla ba lefa la bona; bao a ba rohakileng ba tla fediswa.
23Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.
24Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho.
25Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.
26Kamehla ya lokileng o mohau, o a adimana, mme ditloholo tsa hae ke tlhohonolofatso.
27Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla.
28Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa.
29Ba lokileng lefatshe e tla ba lefa la bona, ba phele ho lona kamehla le mehla.
30Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka.
31Molao wa Modimo wa hae o ka pelong ya hae, maoto a hae ha a thelle.
32Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya.
33Morena a ke ke a mo tlohella matsohong a eo, Morena a ke ke a dumela hore a ahlolwe, a fumanwe a le molato, ha a qoswa.
34Tshepa Morena, o tiye tseleng ya hae; o tla o phahamisa, lefatshe e tle e be lefa la hao, mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.
35Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela;
36ka boela ka feta, ka bona a se a le siyo; ka mmatla, a se ke a hlola a fumanwa.
37Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;
38empa baetsadibe ba tla timetswa ho hang, le ditloholo tsa ba kgopo di tla fediswa.
39Pholoho ya ba lokileng e tswa ho Morena, ke yena setshabelo sa bona nakong ya tlokotsi.
40Morena o a ba thusa, o a ba lopolla; o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo, a ba pholose, hobane ba tshabetse ho yena.