1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.
2Oho, Modimo, mosireletsi wa ditokelo tsa ka, ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena. O ntokolotse matshwenyehong a ka; nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.
3Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano?
4Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.
5Tshabang Modimo, le se hlole le etsa sebe; tholang, mme le thuise tsena ka dipelong, le di thuise ha le le diphateng.
6Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena.
7Ba bangata ba re: “Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang?” Oho, Morena, re phuthollele sefahleho sa hao.
8O thabisitse pelo ya ka ho feta mohla batho ba atetsweng ke koro le veine.
9Ke tla ithoballa ka kgotso, ke kgalehe hanghang, hobane Morena ke wena feela, ke wena feela ya ntshireletsang kahohle.