1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Ho lehlohonolo ya hlokomelang mofutsana; Morena o tla mo lopolla, a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi.
3Morena o tla mo sireletsa, a mo phedise hamonate lefatsheng; a ke ke a tlohella dira tsa hae ho etsa borata ka yena.
4Morena o tla mo thusa diphateng tsa lefu, a nne a fetole diphate tsa hae, a di fetole ha a ntse a kula.
5Ha e le nna ke ile ka re: “Morena, nkgauhele, mphodise hobane ke o sitetswe.”
6Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re: “O tla shwa neng, lebitso la hae le tswe le fela?”
7Ha motho a tlilo mpona, o bua mafeela, pelo ya hae e rwalla tse mpe, tseo etlare hoba a tswe, a tsamaye a di hasanya.
8Bohle ba ntlhoileng ba bokanela ho ntsheba, ba ntherela bomadimabe.
9Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”
10Esita le motswalle wa hlooho ya kgomo, eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe.
11Empa wena Morena, ako nkgauhele, o ntsose, ke tle ke ba buseletse.
12Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna.
13O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla.
14Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Amen. Amen.