1Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona, bo-ntata rona ba re phetetse tsohle tseo o di entseng mehleng ya bona, wa di etsa ka tsoho la hao, wa di etsa mehleng eo ya kgale.
3O ile wa leleka ditjhaba, hore o tle o ba bee naheng ya tsona; wa etsa merabe hampe, hore ba tle ba namele hohle.
4Hase ka sabole ba hapileng naha eo, leha e le ho hlola ka matsoho a bona; empa e bile ka tsoho la hao le letona, le ka sefea sa hao, le ka ho ba phuthollela fahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.
5Ke wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ya sitsang Jakobo ka tlholo.
6Ke ka wena re dihang ba re lwantshang; ka lebitso la hao re a hatakela re hatakela ba re tsohelang matla.
7Ha ke a tshepa seqha sa ka, le ho hlola ka sabole ya ka.
8Empa ke wena ya re pholosang, ya re pholosang ho ba re lwantshang; ba re hloileng ba hlabisa dihlong.
9Re rorisa Modimo kamehla, ha re kgaotse ho boka lebitso la hao.
10Empa jwale o re lahlile, wa etsa hore re tlontlolohe; ha o sa tswa le mabotho a rona.
11O entse hore ba re lwantshang ba re tjhetjhise; ba re hloileng ba ikgapetse tsa rona, ba ikgapela tsona ka ho rata.
12O re tloheletse ho ba dinku tse hlajwang, wa re qhalanya hara ditjhaba.
13O rekisitse setjhaba sa hao o sa fumane letho, ha o a rua letho ka theko ya sona.
14O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng.
15O re entse pale hara ditjhaba, merabe e re sisinyetsa dihlooho.
16Ke hopola ho tlontloloha ha ka kamehla, sefahleho sa ka se aparetswe ke dihlong,
17ka baka la mantswe a ya hlapaolang, mantswe a ya nyefolang, ka baka la sera le moiphetetsi.
18Tsena tsohle di re wetse hodimo tsa re wela re sa ka ra o lebala, re sa ka ra roba selekane sa hao.
19Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao;
20empa wena o re robokeletse, wa re robokella moo ho phelang diphokojwe, wa re kwahela ka lefifi, fifi le letsholetsho.
21Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele,
22na Modimo a ka be a sa sibolla hoo, yena ya tsebang diphiri tse ka dipelong?
23Ke ka baka la hao re bolawang kamehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.
24Tsoha, Morena, o robaletseng? Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri!
25O patetseng sefahleho sa hao? O lebaletseng ho hlopheha ha rona le ho hatellwa ha rona?
26Meya ya rona e kudupana leroleng, re hahaba fatshe ka dimpa.
27Tsoha, o re thusetse! Re lopolle ka baka la mohau wa hao.