1Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.
3Morena ya hodimodimo o a tshabeha; ke yena kgosi e kgolo, kgosi ya lefatshe lohle.
4O bea ditjhaba tlasa puso ya rona, merabe katlasa maoto a rona.
5O re kgethela lefa la rona, bokgabane ba Jakobo eo a mo ratileng.
6Modimo o nyolohile ka mehoo ya thabo, Morena o nyolohile ka modumo, ka modumo wa terompeta.
7Rokang Modimo, mo rokeng; rokang kgosi ya rona, e rokeng.
8Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke.
9Modimo o rena hodima ditjhaba, Modimo o dutse teroneng, teroneng ya hae e halalelang.
10Mahosana a ditjhaba a bokane hammoho, hore e be setjhaba sa Modimo wa Aborahama; hobane babusi ba lefatshe ke ba Modimo, mme yena o kahodimodimo ho bohle.