Psalms 48:1-15 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya bara ba Kora. Sefela.

2Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang.

3Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo.

4Modimo o teng matlung a bokgosi, matlung a bokgosi a motse oo, yena o tsejwa e le qhobosheane.

5Bonang, dikgosi di ile tsa kopana, tsa o futuhela di le mmoho.

6Tsa o bona, mme tsa hlollwa; tsa ferekana, mme tsa baleha.

7Tsa tshwarwa ke thothomelo, ya di tshwara hona moo, le bohloko bo kang ba pelehi;

8jwalokaha moya wa botjhabela o pshatlakanya dikepe, kepe tsa Tarashishe.

9Seo re se utlwileng re bile re se bone motseng wa Morena wa mabotho, motseng wa Modimo wa rona, oo Modimo a o tiisitseng ka ho sa feleng.

10Modimo, re hopola mohau wa hao re le ka Tempeleng ya hao.

11Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka.

12Thaba ya Sione e ke e thabe; metse ya Juda e ke e nyakalle ka baka la kahlolo tsa hao.

13Potapotang Sione, le e potolohe, balang ditora tsa yona;

14elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:

15“Enwa ke Modimo, ke Modimo wa rona kamehla le mehla, o tla re tsamaisa.”