1Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;
2ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.
3O ithorisetsang ka bobe, wena ya sehloho? Tseba, mohau wa Modimo ke wa kamehla yohle.
4O ntse o rera ho timetsa ba bang, leleme la hao le ka lehare le bohale, wena ya etsang bolotsana.
5O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete.
6O rata dipuo tse timetsang, wena ya leleme le thetsang!
7Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.
8Ba lokileng ba tla bona tsena, mme ba tshabe; ba tla mo tsheha, ba re:
9“Bonang motho ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae, ya itshepetseng bongata ba maruo a hae, ya entseng bokgopo setshabelo sa hae.”
10Empa nna, ka tlung ya Modimo, ke jwaloka sefate sa mohlwaare, fate se setalana; ke tshepa mohau wa Modimo, ke o tshepa kamehla le mehla.
11Ke tla o boka kamehla ka seo o se entseng, ke tlotlise bitso la hao ke le hara batshepuwa ba hao, hobane wena o molemo.