1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate.
2Oho, Modimo, ako nkgauhele, hobane batho ba a nkgatakela, ba ntwantshang ba mpatisitse kamehla,
3Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla, ba bangata ba ntwantshang.
4Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena.
5Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?
6Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe.
7Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.
8Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao.
9O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao?
10Ha ke ipiletsa ho wena, dira tsa ka di tla tjhetjha. Ke a tseba hore Modimo o na le nna.
11Ke rorisa Modimo hobane ke a mo tshepa, ke rorisa Morena hobane ke a mo tshepa.
12Ke tshepile Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?
13Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho,
14hobane o mpholositse lefung, o phemisitse maoto a ka, wa a phemisa ho kgopjwa, ke tle ke tsamaye pontsheng ya Modimo, seding la ba phelang.