Psalms 57:1-12 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.

2Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele, hobane ke tshabela ho wena. Ke tshabela moriting wa mapheo a hao, ho fihlela koduwa e ba e feta.

3Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.

4A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae.

5Ke dutse hara ditau tse harolang batho; meno a tsona a ka marumo le metsu, maleme a tsona a ka sabole tse bohale.

6Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle.

7Ba tjhehile maoto a ka ka leraba, mme moya wa ka o siame; ba ntjheketse lemena, empa ke bona ba wetseng ka ho lona.

8Pelo ya ka e matlafetse, Modimo, pelo ya ka e matlafetse; ke tla bina, ke o roke.

9Tsoha, moya wa ka; tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe.

10Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe;

11hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung.

12Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle.