1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”.
2Lona babusi, na ruri le ahlola ka ho loka? Na le ahlola batho ka toka?
3Tjhe, ka dipelong tsa lona le rera tse kgopo, lefatsheng le etsa tse sehloho, le di etsa ka matsoho a lona.
4Ba kgopo ba senyehile ho tloha popelong, ba leshano ba kgelohile ho tloha tswalong ya bona.
5Mahloko a bona a tshwana le mahloko a noha; ba ithibile ditsebe sa marabe ya manganga,
6ya sa utlweng lentswe la ya mo weweletsang, la ya mo bobisang ka bohlale ba hae.
7Oho, Modimo, pshatla meno a bona, a pshatlelle ka mahanong a bona; oho, Morena, motsula meno, meno a mekwetsepe a ditawana.
8Ba ke ba nyamele sa metsi a phallang, ba ke ba omelle sa jwang bo hataketsweng.
9Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi.
10Etlare ba eso lemohe a ba fothole sa hlabahlabane, a ba fefole sa lehola ka kgalefo, ka kgalefo ya hae e tukang.
11Ya lokileng o tla thaba ha a bona phetetso, o tla hlatswa maoto a hae ka madi a ba kgopo.
12Batho ba tla re: “Ruri, ya lokileng o newa moputso; ruri, Modimo o teng, o ahlola batho lefatsheng.”