Psalms 60:1-14 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.

2Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai.

3Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona.

4O reketlisitse lefatshe, wa le petsola; ako thibe mapatso a lona, hobane le a qhehemana.

5O bontshitse tjhaba sa hao bothata, O re nwesitse jwala bo re tsekedisang.

6O mokgele ho ba o tshabang, hore ba phonyohe metsu ya sera,

7baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe.

8Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.

9Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso.

10Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa, leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo yona ke tla e hapa, Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”

11Ke mang ya tla nkisa motseng, motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,

12ha e le moo wena, Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona?

13Ako re thusetse direng tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela.

14Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona.