1Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.
2Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi.
3Ka o tadima o le Sehalalelong sa hao, ka boha matla a hao le tlotla ya hao.
4Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa.
5Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena.
6Moya wa ka o tla kgora jwaloka ya jang moko le mafura, molomo wa ka o o rorise o o rorise ka dithoko tsa thabo.
7Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola, ke o nahana ka dinako tsa bosiu,
8hobane o mothusi wa ka, ke nyakalla moriting wa mapheo a hao.
9Moya wa ka o o kgomaretse, tsoho la hao le letona le a ntshehetsa.
10Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka ba tla theohela botebong ba lefatshe;
11ba tla bolawa ka sabole e bohale, mme ba jewe ke diphiri.
12Athe kgosi e tla thabela Modimo, bohle ba ikanang ka yena ba tla ithorisa, empa ba leshano ba tla thijwa melomo.