1Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Modimo, na o re lahletse ruri? Keng ha o halefela mohlape, mohlape wa makgulo a hao, o o halefela ka bohale bo tukang?
2Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona.
3Lebisa mehato ya hao dithakong, dithakong tseo tsa kgale, sera se sentse tsohle tse ka Sehalalelong.
4Ba o lwantshang ba puruma, ba puruma ba le Sehalalelong sa hao, ba hlomile mekgele ya bona, ba e hloma e le pontsho ya tlholo.
5Ba tshwana le ba kenang morung, ba kenang teng ka dilepe;
6mekgabiso yohle ya yona ya lehong, ba e pshatlile ka dikwakwa, ba e pshatla le ka dikoto.
7Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao, ba heletsa, ba tlontlolla Leaho la hao.
8Ka dipelong tsa bona ba itse: “A re ba hatakeleng kaofela ha bona, re tjhese dibaka tsohle tsa phutheho, tsa phutheho ya Modimo naheng ena.”
9Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng.
10Modimo, ya o lwantshang, o tla o nyefola ho fihlela neng? Na sera se tla o nyedisa, se nyedise lebitso la hao kamehla?
11O sa tshwaretseng letsoho la hao? O patetseng letsoho la hao le letona, wa le pata sefubeng sa hao?
12Athe Modimo, o kgosi ya ka ho tloha mehleng ya kgale, wena mohlodi wa topollo lefatsheng.
13Ke wena ya ileng a arohanya lewatle, wa le arohanya ka matla a hao, wa pshatla hlooho tsa dikganyapa, wa di pshatela lewatleng.
14wa di thuakanya dihlooho, wa di abela ditlhapi e be dijo tsa tsona.
15Ke wena ya ileng a bulela didiba, wa bulela le dinokana, wa pshesa dinoka tse phallang kamehla.
16Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona.
17Ke wena ya ileng a seha meedi, wa seha meedi yohle ya lefatshe, lehlabula le mariha di entswe ke wena.
18Morena, ako hopole kamoo sera se o nyefolang kateng, kamoo setjhaba sa dithoto se nyedisang lebitso la hao kateng.
19Se neele sebata moya wa Leeba la hao, bophelo ba mafutsana a hao o se bo leballe ruri.
20Ako hopole selekane sa hao, hobane diqhobo tsohle tsa naha di tletse ba sehloho.
21Ya hatellwang a se ke a hlajwa ke dihlong, mohlophehi le mofutsana ba rorise lebitso la hao.
22Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle.
23Se lebale ho rora ha ba o lwantshang, ho eketseha ha lerata la ba o tsohelang matla.