1Pesalema ya Asafo. Morena, baditjhaba ba kene, ba kene hara lefa la hao, ba silafaditse Tempele, Tempele ya hao e halalelang, ba fetotse Jerusalema lesupi.
2Ditopo tsa bahlanka ba hao ba di abetse nonyana tse fofang, ditopo tsa batshepuwa ba hao ba di abetse batana tsa naha.
3Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi hohle Jerusalema, mme ha ho ya ba epelang.
4Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng.
5Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?
6Theolela kgalefo ya hao hodima baditjhaba, baditjhaba bana ba sa o tsebeng, le hodima mebuso ena, mebuso e sa rapeleng lebitso la hao;
7hobane di metsitse leloko la Jakobo, di fetotse leaho la lona lesupi.
8O se ke wa re balla melato, melato ya bo-ntata rona, o mpe o re kgahlanyetse kapele, o re kgahlanyetse ka lerato la hao, hobane re nyenyefaditswe haholo.
9Ako re thuse, Modimo, wena mopholosi wa rona, bitso la hao le tle le tlotliswe; ako re namolele, mme o re tshwarele dibe ka baka la lebitso la hao.
10Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re: “O kae Modimo wa bona?” A re ke re bone ka mahlo a rona ha o phetetsa madi a bahlanka ba hao, madi a tsholotsweng ke baditjhaba.
11Mefehelo ya batshwaruwa e ke e finyelle ho wena, ka matla a letsoho la hao ako pholose ba ahloletsweng lefu.
12Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.
13Empa rona setjhaba sa hao, mohlape wa makgulo a hao, re tla o boka kamehla, re phetele meloko yohle dithoko tsa hao.