Psalms 8:1-10 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo.

2Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo,

3e bolelwa ka melomo ya bana le ya masea. O hahile qhobosheane ho thibela dira tsa hao, wa e haha ho sitisa sera le moiphetetsi.

4Ha ke boha mahodimo a hao, mosebetsi wa diatla tsa hao, ke boha kgwedi le dinaledi tseo o di beileng madulong a tsona,

5ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hlokomelang?

6O mo entse ya katlasana ho mangeloi, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa tlotla, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa hlompho.

7O mo neile puso hodima mesebetsi ya diatla tsa hao, wa bea tsohle katlasa maoto a hae:

8manku le makgomo wohle, le tsona diphoofolo tsa naha;

9nonyana tse sepakapakeng, le ditlhapi ka lewatleng, le tsohle tse tsamayang ka lewatleng.

10Morena, monga rona, lebitso la hao le a tlotleha, le tlotleha hakaakang lefatsheng lohle!

© Bible Society of South Africa, 1989
/div>