1Pesalema ya Asafo. Modimo o dutse lekgotleng la bomodimo, o ahlola a le hara baahlodi.
2O re: “Le tla ahlola ho fihlela neng, le ntse le ahlola hampe, le nne le emele ba kgopo?
3Ahlolelang mofokodi ka toka, ahlolelang le kgutsana ka toka; etsetsang mohlophehi toka, le mohloki le mo etsetse yona.
4Lopollang mofokodi le mofutsana, le ba namolele matsohong a ba kgopo.”
5Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso, ba itsamaela lefifing, ba sisinya metheo ya toka.
6Ke ile ka re: “Le medimo, lona bohle le bana ba Ya Hodimodimo;
7empa le tla shwa jwaloka batho, le we jwaloka kgosana efe kapa efe.”
8Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao.