1Pesalema ya Asafo. Sefela.
2Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo.
3Bona, dira tsa hao di a rora, ba o hloileng ba tsosa mohlahla.
4Ba lohela setjhaba sa hao mano, ba kunuta bao o ba sireleditseng.
5Ba re: “Tloong, re ba fedise, e se hlole e eba setjhaba, bitso la Iseraele le se hlole le hopolwa.”
6Ba rerisana ba le pelonngwe, ba entse selekane ho o lwantsha:
7Baahi ba Edomo le Baishemaele, Bamoabe le Bahagare,
8Bagebale le Baamone le Baamaleke, Bafilesita le baahi ba Tire,
9le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota.
10Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone,
11ba neng ba timele Ene-Dore, ba fetoha moitedi mobung.
12Etsa hore marena a bona a tshwane le Orebe le Seebe, mahosana wohle a bona a tshwane le Seba le Salemuna,
13ba neng ba ile ba re: “A re ikgapeleng naha ya Modimo, e be ya rona.”
14Oho, Modimo wa ka, ako etse hore ba tshwane le ditlhokwa setsokotsaneng, ba tshwane le mmoko moyeng.
15Jwalokaha mollo o tjhesa moru, le hlaha e hotetsa dithaba,
16ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo, o ba tshose ka sefefo sa kganyapa.
17Etsa hore difahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, e le hore ba o batle, wena Morena.
18Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.
19Ba tsebe hore ke wena feela Morena, Morena, Ya Hodimodimo ya okametseng lefatshe lohle.