Psalms 84:1-13 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka setolotolo.

2Meaho ya hao e rateha hakaakang, wena Morena wa mabotho!

3Moya wa ka o motela ke ho hlolohela mabala a ntlo ya Morena; pelo ya ka le mmele wa ka di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse.

4Esitana le serobele se iphumanela leaho, le lefokotsane le iphumanela sehlaha, moo le beang madinyane a lona teng, haufi le dialetare tsa hao, wena, Morena wa mabotho, kgosi ya ka, le Modimo wa ka.

5Ho lehlohonolo ba phelang tlung ya hao, ba sa kgaotseng ho o rorisa.

6Ho lehlohonolo batho bao wena o leng matla a bona, ba thabelang maeto a ho ya rapela.

7Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo.

8Ba ntse ba matlafala ho ya pele, ha ba itlhahisa ho Modimo, Sione.

9Oho, Morena Modimo wa mabotho, ako utlwe thapelo ya ka, o ntshekehele tsebe, Modimo wa Jakobo.

10Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.

11Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.

12Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng.

13Morena wa mabotho, ho lehlohonolo motho ya o tshepang.