1Thapelo ya Davida. Morena, ako ntshekehele tsebe, o nkarabe, hobane ke hlophehile, ke futsanehile.
2Ako baballe bophelo ba ka, hobane ke motshepuwa wa hao, pholosa mohlanka wa hao ya o tshepang.
3Ke wena Modimo wa ka, nkgauhele, Morena, ke ipiletsa ho wena kamehla.
4Ako thabise mohlanka wa hao; ke o rapela ka moya wa ka wohle, Morena.
5Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.
6Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe, o mamele sello sa thapedi ya ka.
7Ha ke le matshwenyehong ke ipiletsa ho wena, mme wena o a nkaraba.
8Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.
9Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao;
10hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi.
11Nthute tsela ya hao Morena, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao; tataisetsa pelo ya ka tshabong ya lebitso la hao.
12Morena, Modimo wa ka, ke tla o boka ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao kamehla yohle.
13Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu.
14Modimo, baikakasi ba ntsohetse matla, sehlopha sa ba sehloho se batla bophelo ba ka, ha ba na taba le wena.
15Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.
16Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele; matlafatsa mohlanka wa hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.
17Bonahatsa molemo wa hao ho nna, ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong, ha ba bona hore wena Morena, o mothusi wa ka le motshedisi wa ka.