Psalms 87:1-7 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Motse wa Modimo o theilwe hodima thaba e halalelang,

2Morena o rata dikgoro tsa Sione, ho feta metlotlwane yohle ya Jakobo.

3O bolelwa ka tse kgabane, wena motse wa Modimo, ho thwe:

4“Hara ditjhaba tse ntsebang ke bolela tsena: Egepeta le Babilona, Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe; ka tsona ho thwe:

5Ka Sione ho thwe: “Batho bohle ke bana ba Sione.” Ya Hodimodimo ke yena ya e tiisitseng.

6Ha Morena a bala ditjhaba, o tla ngola, a re: “Le motho enwa ke ngwana wa Sione.”

7Dibini le dihoba di re: “Bohle re phela ka ho wena.”

© Bible Society of South Africa, 1989
/div>