Psalms 89:1-53 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto.

2Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao;

3hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong.

4“Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapanyeditse Davida, mohlanka wa ka, ka re:

5

6Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.

7Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo?

8Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.

9Morena, Modimo wa mabotho, ke mang ya kang wena? Morena, wena ya matla, botshepehi ba hao ke kobo ya hao.

10Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang.

11Ke wena ya qhemeditseng Rahaba, wa moqhemetsa jwaloka setopo, ka tsoho la hao le matla o qhalakantse dira tsa hao.

12Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.

13Leboya le borwa ke wena ya di hlodileng, Tabore le Heremone di etsetsa lebitso la hao ditlatse.

14O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame.

15Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hao, mohau le botshepehi di o eteletse pele.

16Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang ho etsa mehoo ya thabo, se tsamayang kganyeng ya sefahleho sa hao, Morena,

17se thabelang lebitso la hao kamehla, se phahamiswang ka baka la ho loka ha hao.

18Ke wena matla ao se ithorisang ka wona, o re tsosa molota ka ho rata ha hao.

19Thebe ya rona ke ya Morena, kgosi ya rona ke ya Ya Halalelang wa Iseraele.

20Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba.

21Ke fumane Davida, mohlanka wa ka, ka mo tlotsa ka ole ya ka e halalelang.

22Seatla sa ka se tla mo tshehetsa, letsoho la ka le mo matlafatse.

23Ha ho sera se tla mo tsometsa, le ya kgopo a ke ke a mo hlola.

24Ba mo lwantshang ke tla ba ripitla mahlong a hae, ke fenye ba mo hloileng.

25Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, ka lebitso la ka o tla tsoha molota.

26Ke tla namisa mmuso wa hae ho ya fihla Lewatleng, le puso ya hae ho ya fihla dinokeng.

27O tla re ho nna:

28Nna ke tla mo etsa letsibolo, a phahamele dikgosi tsohle, kgosi tsa lefatshe.

29Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng.

30Ke tla etsa hore leloko la hae le hlole kamehla yohle, le terone ya hae e be teng ha mahodimo a ntse a le teng.

31“Haeba bara ba hae ba furalla Molao wa ka, ba sa latele dikahlolo tsa ka;

32ha ba tlola ditaelo tsa ka, ba sa boloke melao ya ka;

33ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona, ke ba kgalemelle tsona ka thupa, le melato ya bona ka phafa.

34Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka.

35Nke ke ka kwenehela selekane sa ka; seo ke se buileng nke ke ka se fetohela.

36Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.

37Leloko la hae le tla hlola kamehla, terone ya hae e be teng ha letsatsi le ntse le le pela ka;

38e hlole kamehla jwaloka kgwedi, paki eo e tshepahalang e mahodimong.”

39Leha ho le jwalo, o halefetse motlotsuwa wa hao, wa mo lahla, wa mo nyedisa.

40O hlakotse selekane sa hao le mohlanka wa hao, wa silafatsa mofapahlooho wa hae, wa o silafatsa leroleng.

41O dihile metero yohle ya hae, metse ya hae e haheleditsweng wa e fetola masupi.

42Bo-mofetakatsela bohle ba mo hapetse tsa hae, a fetoha sesomo ho bao a ahisaneng le bona.

43O matlafaditse matsoho a ba mo lwantshang, wa thabisa dira tsohle tsa hae.

44O thithibantse bohale ba sabole ya hae, wa se ke wa mo tshehetsa ntweng.

45O mo amohile lere la puso, wa dihela terone ya hae fatshe.

46O kgutsufaditse matsatsi, matsatsi a botjha ba hae, wa etsa hore a aparelwe ke dihlong.

47Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?

48Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela.

49Na motho o teng ya ka phelang, mme a se ke a shwa, ya ka itopollang matleng a Nqalo ya Bafu?

50Morena, o kae mohau wa hao, mohau wa hao wa pele, oo ka botshepehi ba hao o o hlapanyeditseng Davida?

51Ako hopole ho hlapaolwa ha bahlanka ba hao, Morena! Ke jere dinyediso tse ngata tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka.

52Morena, dira tsa hao di re hlapaotse, di setse motlotsuwa wa hao morao di ntse di mo hlapaola.

53Ho bokwe Morena kamehla yohle! Amen. Amen.