1Binelang Morena sefela se setjha, lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena.
2Binelang Morena, bokang lebitso la hae, ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsang le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.
3Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le dimakatso tsa hae hara merabe yohle.
4Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.
5Medimo yohle ya baditjhaba ke mafeelafelane, athe Morena ke yena ya entseng mahodimo.
6O eteletswe pele ke tlotla le botlotlehi, matla le kganya di Sehalalelong sa hae.
7Thoholetsang Morena, lona ditjhaba tsa mefutafuta, thoholetsang tlotla le matla a Morena.
8Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong mabaleng a hae, le mo nyehelle.
9Kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang, lefatshe lohle le thothomele, le thothomele kapele ho yena.
10Ereng ho baditjhaba: “Morena ke kgosi, o tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha; o ahlola ditjhaba ka ho loka.”
11Mahodimo a ke a thabe, lefatshe le nyakalle, lewatle le hwase le tsohle tse ka ho lona.
12Naha e nyakalle le tsohle tse ho yona, difate tsa meru di etse ditlatse
13kapele ho Morena, hobane o a tla, o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka nnete ya hae.