Psalms 98:1-9 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang.

2Morena o bonahaditse ho pholosa ha hae, a bontsha ditjhaba ho loka ha hae.

3O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae ho ba ntlo ya Iseraele. Dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.

4Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, le tsanyaole, le mo roke ka thabo.

5Rokang Morena ka harepa, ka harepa le ka pina e monate,

6ka diterompeta le ka modumo wa lenaka; etsetsang kgosi, Morena, mehoo le mo etsetse mehoo ya thabo.

7Lewatle le ke le hwase le tsohle tse ka ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.

8Dinoka di ke di ope diatla, dithaba kaofela di etse ditlatse

9kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka.

© Bible Society of South Africa, 1989
/div>